SETROUKU
NA EBE O KOTSING?
THIBELO YA SETROUKU
NA SETROUKU KE ENG?
Setrouku se hlaha ha mothapo wa madi o fepelang oksejene le diotlammele bokong o sitiseha mme boko bo lemala.
NA HO ETSAHALA ENG KA MORA SETROUKU?
Dikarolo tse fapaneng tsa boko di laola mesebetsi e fapaneng ya mmele jwalo ka motsamao, puo, kutlo le pono. Temalo dikarolong tsena e tla ama mesebetsi eo di e laolang. Kgolofalo ya dikarolo tsa mmele, kapa mathata a puo, ke ntho tse tlwaelehileng ka mora setrouku empa batho ba bangata ba hlaphohelwa hantle hobane dikarolo tse ding tsa boko di nkela mosebetsi ho tsona.
NKA ETSA ENG HO THIBELA SETROUKU?
DINTLHA TSA MONYETLA WA HO BA KOTSING TSE KE KENG TSA FETOLWA
Dilemo
Ha motho a ntse a hola le monyetla wa kotsi ya ho ka tshwarwa ke strouku o a eketseha.
Bong
Banna ba monyetleng o moholwane wa kotsi ya ho ka tshwarwa ke strouku ho feta basadi.
Histori ka Lapeng
Monyetla wa kotsi ya hore motho a tshwarwe ke setrouku o moholwane haeba setho sa lelapa se na le mafu afe kapa afe a methapo, lefu la tswekere, kgatello e hodimo ya madi, seterouku kapa lefu la methapo e isangng madi pelong.
DINTLHA TSA MONYETLA WA HO BA KOTSING TSE KA FETOLWANG
Haepathenshene ke lefu le thotseng le bolayang. Kgatello ya madi e tshwanetse ho lekangwa kgafetsa.
Ho Tsuba
Ntlha e ka qojwang e bea motho kotsing ya ho ka tshwarwa ke strouku, ditlhaselo tsa pelo hammoho le tlhaselo ya nakwana phepelong ya madi (Transient Ischemic Attack ? TIA). Tlohela ho tsuba.
Ntlha e kgolohadi e beang motho kotsing ya ho ka tshwarwa ke lefu la pelo, eo ka tlwaelo e bakang setrouku sa methapo e thibuweng ke mahlwele.
Lefu la Tswekere
Taolo e lokileng ya lefu la tswekere ka phepo e ntle/boikwetliso le/kapa meriana ke ya bohlokwa haholo.
Kholesterole e Hodimo
Taolo e lokileng ya kholesterole e hodimo ka phepo ya dijo tse nang le kholesterole e tlase le/kapa meriana ke ya bohlokwa haholo.
Ateraetisi ya disele tse kgolo, ho utlwela ho dithethefatsi, bokgoba ba sethethefatsi sa khokheine, tshwaetso mmoho le lefu le tshwaetsang la methapo (lefuba, mokaola, AIDS).
Ho Nona Haholo
Bakudi ba nonneng ho feta tekano ba monyetleng o moholwane wa ho tshwarwa ke lefu la tswekere le kgatello e hodimo ya madi. Eja dijo tse tletseng bophelo bo botle, dula o tletse bophelo bo botle.
Tahi
Ho nwa ho feta tekano ka ho sa kgaotseng ho bontshitswe ho baka setrouku. Fokotsa tahi eo o e nwang.
HOPOLA: BOPHELO BA HAO BO BOTLE BO DIATLENG TSA HAO!!
MATSHWAO A TLWAELEHILENG A LEMOSANG KA SETROUKU KE AFE?
Ho fokola, ho shwa bohatsu kapa ho tsitsipana ha sefahleho le sephaka kapa leoto lehlakoreng le le leng kapa a le mabedi a mmele.
Pono e lerotho kapa e fokolang ka tshohanyetso kapa leihlong le le leng kapa a le mabedi. Ho qala ka tshohanyetso ha ho bona dintho habedi.
Bothata ba ho bua kapa ho utlwisisa.
Ho ba le modikadikwane, tahlehelo ya botsitso ba mmele kapa ho wa kapa ho thekesela hofe kapa hofe ho sa hlaloseheng.
LEFAPHA LA BOPHELO BO BOTLE
Mohala wa Thuso ka AIDS
LEKANYA HORE O MONYETLENG O MOKAE WA KOTSI YA HO TSHWARWA KE STROUKU KA HO TLATSA PAMPITSHANAPOTSISO ENA
BASADI
DINTLHA
SEPHETHO
Kgatello ya madi ya ho honyela ha pelo
Haeba ha o nwe meriana e theolang kgatello ya madi mme palo ya pele (e hodimo ka ho fetisisa) ho tswa ho tekanyo ya hao ya moraorao tjena ya kgatello ya madi ya ho honyela ha pelo ke:
kapa
Haeba o nwa meriana e theolang kgatello ya madi mme palo ya pele (e hodimo ka ho fetisisa) ho tswa ho tekanyo ya hao ya moraorao tjena ya kgatello ya madi ya ho honyela ha pelo ke:
Lefu la Tswekere
Haeba o na le histori ya Lefu la Tswekere:
Haeba ha o na histori ya Lefu la Tswekere:
Ho tsuba sakarete
Ha o tsuba:
Lefu la methapo ya madi ya pelo
Haeba o na le histori ya lefu la methapo ya madi kapa la methapo ya madi ya pelo (ho hlaselwa ke pelo, mahlaba sefubeng, ho kwaleha ha methapo ya madi ya pelo, ho kwaleha ha methapo e isang madi maotong kapa ho tshwarwa ke pelo) ntle le setrouku:
Haeba ha ho na histori ena:
Ho tlolatlola ha mesifa ya methapo e isang madi
Haeba o na le histori ya mofuta ona o ikgethang wa ho otla ka potlako le ho sa lekaneng ha pelo:
Haeba ha ho na histori ena:
Ho itlhakisa mmele
Ha ho boikwetliso
Boikwetliso bo bonyenyane, bo mahareng kapa bo boima
PALOYOHLE YA SEPHETHO (Basadi) ?
Sephetho: dintlha tse 0-4 = Kotsi e Tlase, dintlha tse 5-10 = Kotsi e Mahareng, dintlha tse 11 le ho feta = Kotsi e Hodimo.
Hlokomela: Sephetho sa hao e mpa e le tekanyo feela ya kotsi eo o ka bang ho yona papisong le ba bang setjhabeng.
BANNA
DINTLHA
SEPHETHO
Kgatello ya madi ya ho honyela ha pelo
Haeba ha o nwe meriana e theolang kgatello ya madi mme palo ya pele (e hodimo ka ho fetisisa) ho tswa ho tekanyo ya hao ya moraorao tjena ya kgatello ya madi ya ho honyela ha pelo ke:
kapa
Haeba o nwa meriana e theolang kgatello ya madi mme palo ya pele (e hodimo ka ho fetisisa) ho tswa ho tekanyo ya hao ya moraorao tjena ya kgatello ya madi ya ho honyela ha pelo ke:
Lefu la Tswekere
Haeba o na le histori ya Lefu la Tswekere:
Haeba ha o na histori ya Lefu la Tswekere:
Ho tsuba sakarete
Ha o tsuba:
Lefu la methapo ya madi ya pelo
Haeba o na le histori ya lefu la methapo ya madi kapa la methapo ya madi ya pelo (ho hlaselwa ke pelo, mahlaba sefubeng, ho kwaleha ha methapo ya madi ya pelo, ho kwaleha ha methapo e isang madi maotong kapa ho tshwarwa ke pelo) ntle le setrouku:
Haeba ha ho na histori ena:
Ho tlolatlola ha mesifa ya methapo e isang madi (Artial Fibrillation)
Haeba o na le histori ya mofuta ona o ikgethang wa ho otla ka potlako le ho sa lekaneng ha pelo:
Haeba ha ho na histori ena:
Ho itlhakisa mmele
Haeba o ikwetlisa ka sewelo kapa hona ho etsa ho itseng ho batlang ho sebetsa ka thata ha mmele:
Boikwetliso mahareng:
PALOYOHLE YA SEPHETHO (Banna) ?